>> HOMEPAGE

Ha ho Tokoloho, Ha ho Demokerasi
kantle ho Tsebo ya tsa Bophelo!



Dr Matthias Rath, M.D. ke rasaense le ngaka e tsebahalang lefatsheng ka bophara, ya ileng a etella pele tshibollo ya saense ya thibelo ya mafu a pelo le kankere ka tsa tlhaho. Ke setho sa Mokgatlo wa Pelo wa Amerika, Akademi ya saense ya New York esitana le mekgatlo e meng ya lefatshe ya saense.

Mofu Dr Pauling, ya ileng a fumana Kgau ya Nobele ho tsa Khemistiri le Kgotso, o ile a bolela hore ditshibollo tsa Ngaka Rath di bohlokwa haholo hoo di beang boteng ba indaseteri ya matsete ya tsa dikhemisi, e thehilweng ditlhareng tse nang le tumello ya molao/mmuso, tsietsing. Ngaka Rath o tsebahala lefatsheng lohle ka sebete sa hae sa ho ema kgahlanong le indasteri ya tsa dikhemisi. Mokgatlo wa Dr Rath Health Foundation ke ona o etelletseng pele dipatlisiso le thuto ya mekgwa ya tlhaho ho tsa bophelo bo botle.

Tokomaneng ya semmuso ya kamohelo Kopanong ya Lefatshe e neng e le Johannesburg ka Phato 2002, Ngaka Rath o hlalositse matsapa a lefatshe a bophelo bo botle, e reng “Bophelo bakeng sa bohle pele ho selemo sa 2020.” Lenaneo lena le hatelletse ntlha ya hore mafu a tlwaelehileng mehleng ena a ka fediswa ka bongata ka tshebediso e ngata ya divitamine le diahammele tse ding.

Kopanong ena ya Lefatshe matona a tsa bophelo a dinaha tse ka tlase ho Sahara, ho kenyelletswa le Aforika Borwa, Angola, Lesotho, Malawi, Mozambique, Swaziland, Zambia, le Zimbabwe a ile a kopana. Ba ile ba hlahisa ho ntshetswa pele ha mananeo a phepo a thehilweng ho ditjhaba tsa motse mme ba ipiletsa ho mebuso ho “potlakisa dithuso tsa mabatowa tse shebaneng le ho fokotsa phepo e fosahetseng ya diahammele ka dijo tse ekeditsweng ka metjhini.”

Mebuso e mengata e ile ya latela le ho sebedisa maano a bophelo bo botle ba tlhaho bakeng sa ho ntshetsa pele maphelo a batho ba yona, ka hare ho yona Jordan, United Arab Emirates, China le e meng. Ka nako eo, Mokgatlo wa Dijo le tsa Temo wa Matjhaba a Kopaneng (UN) o ile wa qala letsholo la lefatshe lohle le bitswang “Dijo ke setlhare sa pele bakeng sa HIV/AIDS.” UNICEF, Mokgatlo wa bana wa UN, o ile wa latela sena mme wa qetela ka mantswe ana tlalehong ya ona ya morao tjena: “Ho laola kgaello ya divitamine le diminerale ke monyetla o fumanehang ha bonolo bakeng sa ho ntshetsa pele maphelo a dibilione tse pedi tsa batho le ho matlafatsa ntshetsopele ya ikonomi.”

Ka boipiletso ba hae ba Mokgatlo wa Lefatshe wa Kutlwisiso ya tsa Bophelo bo Botle (WHA), Ngaka Rath o tswela pele ka letsholo la hae le lebisang ntshetsopeleng ya bophelo bo botle lefatsheng ka bophara. O ile a kgetha ho phatlalatsa pitso ena ya hae ya lenaneo Aforika Borwa hobane mmuso wa Aforika Borwa o tsejwa ka boetapele lefatsheng lohle ntweng ya batho ya ho itokolla jokong ya “kgwebo e nang le mahloko” ya meriana ya dikhemisi le ho aha bophelo bo botle jwaloka tokelo ya batho.

Moralo wa nnete bakeng sa ho Aha Setjhaba se Phetseng Hantle

Kutlwisiso ya tsa Maphelo Ya Lefatshe (World Health Alphabetization):

  1. Lefu/bohloko – Bohlokwa. Batho ba fetang 90% mafatsheng a ntseng a tswela pele le a tswetseng pele ba bolawa ke ho hloka phepo, e leng ho bitswang tlhoko ya dijo tse nang le phepo le tlala. Maemo ana a bakwa ke bofuma le ho hloka tsebo ka tsa bophelo bo botle, mme a ka thibeha. Ho phatlalatswa ha tlhahisoleseding ya bophelo bo botle ka phepo lefatsheng lohle, ke hwa bohlokwa bakeng sa ho thibela le ho fedisa mafu a atileng matsatsing a kajeno.
  2. Ho hloka tsebo –Bohlokwa. Batho ba fetang bilione e le nngwe lefatsheng ha ba a ruteha mme he ha ba kgone ho phela bophelo ba seriti. Ho ithuta ho bala le ho ngola – ba ntse ba leka ho fedisa ho hloka tsebo ka tsa bophelo bo botle- ho tla ba thusa ho ntshetsa pele maemo a bona a ho phela, le ho netefatsa hore bana ba bona le meloko e tlang, ba ba le tsebo ka tsa bophelo.
  3. Ho fedisa ho thola – bohlokwa. Ke nnete e tswileng matsoho hore dibilione tsa batho di phela ntle le thuto mme ba shwa ka lebaka la mafu a ka thibelehang. Dintlha tsena di tlile ka lebaka la tsebo – ho kenyeletswa le tlhahisoleseding e molemo ya bophelo bo botle- tse patilweng ka boomo hore dibilione tsa batho di se ke tsa di fumana, di patilwe ke bao ba ahang moruo wa bona ka ho tlohela batho ba lefatshe ba sena tsebo ka dintlha tse mabapi le dikelello le mebele ya bona.
  4. Sepheo sa World Health Alphabetisation (WHA) ke ho fedisa ho hloka tsebo ka tsa bophelo bo botle esitana le ho se rutehe ka kakaretso bakeng sa meloko ena esitana le e tlang ya batho. Ona ke mohato wa pele wa ho fedisa mafu a atileng matsatsing ana, ho pholosa maphelo a dibilione tsa batho le ho ba kgontsha ho phela maphelo a nang le seriti. Letsholo lena le keke la phomola ho fihlela sepheopheo se fihlelwa.
  5. ‘Mesuwe’ ya WHA. Letsholo la WHA le mema batho ba ditjhaba tsohle, merabo yohle, le ditumelo tsohle, ba banyane le ba baholo, ba sa rutehang le ba rutehileng, ho ithuta ka karolo ya bohlokwa ya phepo le diahammele bakeng sa ho dula ba phetse hantle le ho ba mesuwe ya tsa maphelo e jalang molaetsa wa WHA ditjhabeng tsa bona. WHA ke teko ya lefatshe lohle e nkilweng ke motho e mong le e mong le ke mebuso e lefatsheng ka bophara, e elellwang boikarabelo ba yona.
  6. ‘Dikolo’ tsa WHA. Diphaposi tsa borutelo tsa WHA ha di felle feela dikolong tse tlwaelehileng kapa dikantorong tsa dingaka. Tlhahisoleseding e ka sehloohong ya bophelo ka tsa saense e hlakile le ho ba bonolo hoo e ka haswang ntlong e nngwe le e nngwe, laeboraring e nngwe le e nngwe, dibeseng, diholong tsa dikereke, dikopanong tsa mekgatlo ya basebetsi, dikopanong tsa palamente, diphaposing tsa kopano tsa batsamaisi, le hohle moo batho ba ka kopanang teng, mme ho tla ba jwalo.
  7. ‘Dibuka tsa Sekolo’ tsa WHA. Buka efe kapa efe e hlalosang bohlokwa ba divitamine le diahammele tse ding ho ahweng ha disele tsa mmele ya rona, buka efe kapa efe ka mokgwa wa tlhahisoleseding o hlalosang melemo ya bophelo bo botle e tliswang ke phepo e ntle bakeng sa ho aha bophelo bo botle le ho thibela mafu, e ka ba disebediswa tsa thuto. Sesebediswa sa bohlokwa ka ho fetisisa sa thuto, le ha ho le jwalo, ke ditaba tse fetang ka molomo tse jereng tlhahisoleseding ya bophelo bo botle bathong bohle.
  8. Molaetsa wa sehlooho wa bophelo bo botle wa WHA. Letsholo lena la lefatshe la thuto ya bophelo bo botle le tla tsepama tlhahisoleseding e ka sehloohong ya bophelo bo botle e amang bophelo ba motho ka mong lefatsheng lena ka ho otloloha. Bophelo bo botle le mafu di tla ka lebaka la bophahamo ba dimilione tsa disele tse mmeleng ya rona mme kgaello ya divitamine le diahammele ding tsa bohlokwa ke yona e bakang ho se sebetse hantle ha disele mme kahoo, ke yona eo e leng sesosa sa mafu a atileng matsatsing a kajeno.
  9. Motheo wa saense wa WHA. Dintlha tsa saense mabapi le karolo ya bohlokwa ya divitamine, diminerale le mefuta e meng diahammele jwaloka dibeso(co-enzymes) tse butswelang tse pholosang maphelo, di entswe dilemong tse lekgolo tse fetileng, mme di ka balwa bukeng efe kapa efe ya thutatlhaho(biology), thutasaense(biochemistry) le fisioloji ya disele. Le ha dibuka tsa thuto ya tlhaho di kgella tlhahisoleseding ena ya bophelo bo botle fatshe, ke ntlha ya nnete hore tlhahisoleseding ena ya bohlokwa e batla e le siyo hohang dibukeng tsohle tsa bongaka.
  10. Diahammele tse pedi –tsepamiso ya saense ya letsholo la WHA – di tla fetola tsela ya history. Hara diahammele tsohle tseo mmele o di hlokang bakeng sa ho phela hantle, ho na le tse pedi tsa bohlokwahlokwa ho feta tse ding kaofela: Vitamine C le amino acid ya tlhaho Lysine. Diahammele tsena tse pedi ha di kgone ho hlahiswa ke mmele wa motho, empa le ha ho le jwalo, ke tsona tse bontshang boholo boo dimolekule tsa kolajene (collagen) di hlahiswang ka bona mme di tsitsisa dithishu tsohle tse kopanyang mmeleng ya rona. Botsitso ba dithishu tsena, e boela e eba ntlha e ka sehloohong e thibelang ho hlaha le ho jaleha ha mafu.
  11. WHA e fedisa selemokgolo sa ho hatellwa ha nnete. Mosebetsi o hlokolosi wa sele wa Vitamine C, Lysine le diahammele tse ding tsa bophelo bo botle ba batho o sibollotswe dilemong tse ka bang lekgolo tse fetileng. Tshibollo ya diahammele tsena tsa tlhaho tse sa hatiselletswang ke molao o itseng, di ile tsa tshosa kgwebo ya matsete e tletseng mahloko ya tsa dikhemisi, e thehilweng hodima ditlhare tse sirelletswang ke molao tse entsweng ka dikhemikhale. Tlolamolao e kgolo ka ho fetisisa historing ya botho e bile ho patwa ha tlhahisoleseding e ka pholosang maphelo bathong ba dibilione, ya hore ho bohlokwa ha kaakang ho fumana Vitamine C le Lysine haholo. Ho thibelwa hona ha ka boomo ha tsebo ya bohlokwa ya tsa bophelo ho fokodisitse botsitso ba dithishu mebeleng ya dibilione tsa batho mme ho ba entse diphofu tsa tswelopele ya mahloko.
    Ho thibelwa ha tlhahisoleseding ya bohlokwa ya tsa bophelo selemokgolong se fetileng, ho entswe ka boomo ke sehlopha se itseng sa ‘kgwebo ya mahloko’ ya tsa dikhemisi e le hore ba tle ba ntshetse pele mahloko le ho fetola mmele ya batho ba dibilione hoba mmaraka wa ho ‘beeletsa tjhelete mahlokong’. WHA e fedisa ho hloka tsebo hona ho aparetseng lefatshe lohle ho seng ho fedisitse maphelo a batho ba ka bang dibilione tse mashome.
  12. Bohanyetsi bo lebelletsweng kgahlanong le WHA ho tswa ho lemulwana la kgwebo ya dikhemisi. Ho hloka thuto ka tsa bophelo bathong ba lefatshe lohle, ho entsweng ke mokgatlo ona wa borakgwebo ba tsa dikhemisi, ke mokgwa wa ka boomo wa ho ntshetsa pele le ho hodisa kgwebo ya bona ya mahloko lefatsheng lohle. Ho se lokollwe ha tlhahisoleseding e ka pholosang maphelo ya bophelo bo botle ka tsa tlhaho ke hona ho bakileng ho hola ha indaseteri ya tsa dikhemisi selemokgolong se fetileng, mme ho e entse kgwebohadi ya matsete e nang le phaello e ngata. WHA e beha boteng ba kgwebo ena tsietsing, kahoo ho ka etsahala hore kgwebo ena e lwane ya kgumamela ho thibela seo.
  13. Bohlokwa ba hore WHA e pepese boholo ba koduwa ena. Tlhaloso ya bukantswe bakeng sa lentswe lena “boferekanyi” ke ho jalwa ha morusu ke sehlopha sa batho ba itseng ba lekang ho qobella maikutlo le menahano ya bona bathong ba bang ba sa natse le hore ba beha maphelo a diphofu tsa bona tsietsing hakae. Tlhaloso ena he, e tshwanela hantle tsela eo ‘kgwebo ena ya matsete ya mahloko’ya tsa dikhemisi e sebetsang ka teng. Hona ho pepeneng ho motho ohle hore batho ba dibilione ba shwele ka lebaka la ‘morusu ona wa tsa dikhemisi’. Ka lebaka leo he, Vatican, e sa tswa qosa sehlopha sena sa borakgwebo ba tsa dikhemisi ka ‘polao ya setjhaba’ – haholoholo mabapi le kamano ya kgwebo ya bona Aforika.
  14. Bohlokwa ba hore WHA e ntshetse pele molaetsa ona “Etsa bophelo bo botle – Eseng Ntwa.” Kgwebo ya matsete ya tsa dikhemisi e pepesitswe jwaloka tsamaiso ya qhekanyetso e tshepisang bophelo bo botle, empa e ntse e rua le ho feta ka lebaka la ho tswela pele ha mahloko. Ho pepeswa ha boqhekanyetsi bona lefatsheng ka bophara ho ka baka ho wa ha kgwebo ena ya matsete a ka jang ditrilione tse ngata. Mokgatlo ona wa dikgwebo tsa dikhemisi le boradipolotiki ba entse letsholo la lefatshe la “ntwa kgahlanong le boferekanyi”, e le hore batho ba lebale hanyane ka diketso tsena tsa bona. Ntwa e kgahlanong le Iraq – e leng ntwa e qadilweng ka boiketsiso ba leshano – e ne e ntshetswa pele ka boomo ke baetapele ba dipolotiki ba ditjhaba tse pedi tse eteletseng pele lefatsheng tsa thekisetso ya dinaha tsa ka ntle ya tsa dikhemisi – e leng America le Borithane. Ho pepesa dihlopha tsena he, le ho bontsha kamano pakeng tsa bophelo bo botle le kgotso ka lehlakoreng le leng, le ntwa le mahloko ka ho le leng, ke karolo ya bohlokwa ya letsholo ya WHA.
  15. WHA e lokisa ho hloleha ka sehloho ha WHO. Mokgatlo wa Bophelo bo Botle wa Lefatshe (o tsejwang ka WHO) – e leng mokgatlo wa Mafatshe a Kopaneng o qadilweng dilemong tse mashome a mahlano tse fetileng bakeng sa ho ntshetsa bophelo bo botle pele – o hlolehile ho fihlela sepheo sa ona ho fihlela jwale. Mananeo a ona a thuto ya bophelo bo botle bo nang le phepo a susumeditswe ke kgwebo ya tsa dikhemisi, a ile a nyahlatswa feela mme bakeng sa ona ha kenngwa matsholo a ho phahamisa ditlhare tsa dikhemisi tse tlisang phaello.
    Tokomane ya WHO e fetotswe haholo feela ke se bitswang “Codex Alimentarius Commission”, teko e susumelleditsweng ke mokgatlo ona wa tsa dikhemisi ho fedisa mekgwa ya phodiso ya tlhaho lefatsheng ka bophara e le hore ba tle ba nne ba ipolokele borui ka tsa bophelo bo botle lefatsheng lohle. Kahoo he, ho na le tlhokeho e kgolo ya teko ya lefatshe ka bophara – e sa itshetlehang ho WHO – eo batho ba lefatshe mmoho le mebuso ya dinaha tsa bona ba ka kopanang bakeng sa ho ntshetsa pele maphelo a batho lefatsheng lohle.
  16. WHA e emetse ditlhoko tsa bophelo bo botle le ekonomi tsa lefatshe lohle le ntseng le tswela pele. Mokgatlo ona wa tsa dikhemise, o tswa mafatsheng a mmalwa a tswetseng pele, mme o phamotse dinaha tsohle mmoho le batho ba tsona. Ka lebaka la hore mekgwa ya tlhaho ya bophelo bo botle e thusang, ebile e fumaneha ha bonolo e se e le teng, ha ho sa na tlhokeho ya hore dinaha tsa lefatshe di kgumamele borameharo bana ba tsa dikhemisi ka tsa bophelo bo botle ba lefatshe. Mafatshe a sa ntseng a tswela pele a ka tsepamisa disebediswa tsa ona tsa moruo ho ralweng ha maano a bophelo bo botle ba setjhaba a thehilweng mekgweng e molemo ya tlhaho, mme a boloka dibilione tsa ditjhelete. Tjhelete ena he e ka kgona ho fumaneha bakeng sa ho thusa ditlhokong tse ding tsa setjhaba. Baahi mmoho le mebuso ya dinaha tse ka bang 200 lefatsheng ba tla kgola molemo ho fedisweng ha ‘kgwebo ya matsete ka mahloko’ ya tsa dikhemisi.
  17. Boikarabelo ba dilemo tse fetileng ba Aforika. Dilemong tse mashome a mahlano tse fetileng dinaha tsa Aforika di ile tsa itokolla mebusong e nkileng nako e telele ya kgethollo le kgatello. Tlholo ena e sa tswa fihlelwa ntweng e sa lekaneng pakeng tsa ba hatelletsweng le bahatelli ba bona, e tlisa boikarabelo bo itseng matjhabeng a Aforika ho etella pele tokoloho yabophelo bo botle ba batho jokong yabahwebi ba tsa dikhemisi. Ka ho ntshetsa pele mokgatlo wa WHA, batho ba Aforika le mebuso ya bona ba ka etella pele letsholo lena la lefatshe lohle ho fedisa ho hloka tsebo ya tsa bophelo bo botle.
  18. Monyetla wa histori ya Aforika. Dilemong tse fetileng tse 500 batho ba Yuropa ba ile ba etella pele le ho itokolla jokong ya ho se rutehe kgahlanong le bohanyetsi bo tiileng ba babusi ba bona. Ho etswa ha metjhini ya dingolwa le ho haswa ha tsebo ka mokgwa wa dibuka e ile ya ba sebetsa sa bona sa bohlokwa ntweng ena ya tokoloho kgahlanong le ho hloka thuto. Ho hola hona ha tsebo ho ile ha neha ditjhaba tsa Yuropa monyetla wa ho etsa qeto ya ho bokelletsa disebediswa tsa thuto le tsa ekonomi hore ba tle ba be lefatshe le okametseng a mang ka dilemolemo.
    Jwale ho na le monyetla wa histori o tshwanang hantle le kgatelopele eo bakeng sa batho bohle: ho fediswa ho tlhokeho ya tsebo ya bophelo bo botle. Ka ho etella pele ho ntshetsopele ya WHA, ditjhaba tsa Aforika di ka lokolla disebediswa tse kgolo tsa moruo, tsa rua ho tsa ikonomi mme tsa kwala sekgeo sa lefatshe le tswetseng pele.
  19. Ka ha ho sa na le batho ba dibilione ba ntseng ba le thohakong ya ho hloka tsebo ya kelello le ya mmele, ke ipiletsa ho bohle ho kena le rona letsholong la ho Nolofatsa tsa Bophelo bo Botle ba Lefatshe (World Health Alphabetisation).
  20. Ka lebaka la hore batho ba dibilione ba sa ntse ba bolawa ke mafu a ka thibelehang – ka lebaka la ho hloka tsebo ya tsa bophelo – jwale ke nako ya ho nka mohato!


Matthias Rath, M.D.

Sitemap

Dr Matthias Rath is the physician and scientist who led the breakthrough discoveries in the natural control of cancer, cardiovascular disease and other chronic health conditions.
>> More...

A complete overview of Dr. Rath's campaign including full background information on all the issues.
>> More...

Up to date news and comment about worldwide developments

>> Natural Health Alternatives
>> Business with Disease
>> U.N.-Related Issues
>> Other News
>> African Union News


Click here for more information about the Foundation.

Click here to send us an email.

 Printer-friendly page

Send page to a friend Send page to a friend

Bookmark this page Bookmark this page
RSS

 © 2008 Dr. Rath Health Foundation Send page to a friend contact Printer-friendly page Help Previous document Top of the page Function not available in this page Back to Homepage