>> HOMEPAGE

Tse Hlokolosi mabapi le Tsamaiso e ntjha ya Demokerasi
Bili ya Ditokelo ya Mokudi



Matthias Rath, M.D.

Ka la 25 Phupu 2004, koranta ya The New York Times e ngotse tjena: “Mosenatoro John Edwards, eo e leng motlatsi wa bonkgetheng ba boporesidente ba Demokerasi, ebile e le mmuelli wa nako e telele, o ile are boiphihlello ba hae boo a bileng motlotlo ka bona ka ho fetisisa toropong ya Washington ho fihlela jwale, e ne e le wa ho thusa ho fetiswa ha Senate ha bili a hlalosang ditokelo tsa bakudi, ho kenyelletswa le tokelo ya ho qosa kgotla.” Ka bomadimabe, bili ena ha e ya ka ya eba molao.

Mosebetsi wa pele wa tsamaiso e ntjha ya Demokerasi ke ho etsa Bili ya ditokelo tsa Bakudi e sireletsang bophelo bo botle ba batho ba Amerika kgahlanong le kgwebo e sa lokang ya boramatsete ba meriana ya dikhemisi, e kgannwang ke ho ntshetswa pele ha mafu kapa mahloko.

Batho ba Amerika ba ke ke ba hlola ba dumella hore bophelo bo botle le maphelo a malapa a mangata a bewe tsietsing ke kgwebo ya matsete e tshepisang bophelo bo botle ka boqhekanyetsi – empa, hantlentle, e ntshetsa pele mahloko ka mmaraka wa didolara tse dimilione ka ditlhare tsa yona. “Boqhekanyetsi bona ba tsa Dikhemisi” ke”boqhekanyetsi bo bo holohadi bo laolwang historing mme ke ona motheo wa indasteri ya meriana ya dikhemisi.

ili ena ya Ditokelo tsa Bakudi e lokela ho sireletsa ditokelo tsa bakudi tsa ho kgona ho ka fumantshwa tlhahisoleseding e pholosang maphelo ka mekgwa ya tlhaho e sa hatiselletswang ka semolao kapa tshehetso e itseng, mme e lokela ho sireletsa ditokelo tsa bakudi ho ka qosa baetsi ba ditlhare bakeng sa ditlamorao tse mpe kapa tse ba kudisang le ho feta tse tlisitsweng ke ditlhare tsa bona tse tsheheditsweng ke mmuso.

Disosa tsa kapele tsa koduwa ya jwale ya tlhokomelo ya bophelo bo botle

Tsamaiso ya Bush le “Boqhekanyetsi ba Kgwebo ya tsa dikhemisi”

Na o tseba dintlha tse latelang tsa hore:

  • Diindaseteri tsa meriana ya dikhemisi le dikhemikhale tsa oli, di matsohong a dihlopha tsona tsena tse ipatlelang tjhelete feela, tse kang Rockefeller le J.P. Morgan.
  • Indaseteri ya meriana ya khemisi e se e le yona indaseteri ya matsete e kgolo e fumanang phaello ka ho fetisisa ka diphaello tse fetang dibilione tse 540 tsa didolara tseo e di fumanang selemo le selemo. (Mohlodi: Vatican, Hlakola 2004)
  • Bahlahisi/baetsi ba ditlhare ebile bona batshehetsi ba ditjhelete ba baholo ka ho fetisisa bakeng sa letsholo la dikgetho tsa boporesidente tsa 2000. Kantle ho tshehetso ena ya bona, mmuso wa Bush o ne o ke ke wa kgona ho busa kajeno.
  • Baemedi ba bohlokwa ba indaseteri ya tsa meriana ya dikhemisi ba ile ba kgethwa jwaloka baetsi ba maano tsamaisong ya Bush, ya tsebahalang ke Donald Rumsfeld, eo e leng Motsamaisi (CEO) wa pele wa meriana ya dikhemisi ebile e le motsamaisi ya pele ya hlontjhwang wa baetsi ba meriana.
  • Ho matsapa a semolao a entsweng ka nako ya tsamaiso ya Bush, a mahlano ho a leshome e ne e le mananeo a tshehetso e tswang mmusong ya didolara tse fetang dibilione e fuwang lemulwana lena la baetsi ba ditlhare tsa dikhemisi.
  • Ka lebaka la dipoelomorao tsena tse susumeditsweng ke dipolotiki, tse jeleng dibilione tse makgolo tsa didolara, lemulwana lena la boramatsete le boetse le tsetela hape letsholong la Bush la dikgetho tse tlang.

Ho utlwisisa “Boqhekanyetsi ba Kgwebo ena ya tsa dikhemisi”

Ha re batla ho thibela hore Bush a kgethwe hape mme re etse bonnete ba hore hobe teng maano a matjha molaong, re lokela ho pepesa sehlopha sena se tshehetsang tsamaiso ya Bush – kgwebo ena ya “Boqhekanyetsi ba tsa dikhemisi” e se nang botho.

Na o tseba dintlha tse latelang:

  • Indaseteri ya meriana ya dikhemisi ha se indaseteri e thehilweng hodima dintho tsa tlhaho, empa ele e iketseditsweng feela ho “ntshetsa pele kgwebo e nang le mafu.”
  • Indaseteri ena e tshepisa ditharollo tsa bophelo bo botle bathong ba lefatshe lohle, le ha ho le jwalo phaello e fumanwang ke indaseteri ena e itshetlehile tswelopeleng le ho ateng ha mafu kapa mahloko jwaloka mmaraka wa ditlhare.
  • Se tsamaisang kgwebo ena ya “Boqhekanyetsi ba Ditlhare” ke ho tshehetswa ha ditlhare, molawana wa kgwebo o hlokang ho fediswa ha mekgwa yohle ya tlhaho, e sa hatiselletswang/tshehetswang ke mmuso, le ho ntshetswa pele ho ikgethileng ha ditlhare tse hatiselleditsweng ke tshehetso ya mmuso, tseo tse ngata tsa tsona di nang le ditlamorao tse kotsi bakeng sa bophelo.
  • Ho thibelwa le ho fediswa ha mafu ho ke ke ha hlola e le ntho e batlwang ke indaseteri ena hobane ho senya monyetla wa bona wa ho fumana phaello dipeheletsong tsa bona mme ho ka qetella ho ba senyeditse kgwebo ka ho fedisa mmaraka wa bona – mahloko.
  • Dipeheletso tsa kgwebo ya meriana ya dikhemisi, e bakang mafu, ke tsamaiso e kgolo ka ho fetisisa ya boqhekanyetsi historing – e tshepisa bophelo bo botle, empa e fana ka mahloko!
Tsela e se nang botho ya “Boqhekanyetsi ba meriana ya dikhemisi” le ho sireletswa ha yona ke Tsamaiso ya Bush

Boima bo tliswang ke kgwebo ya "Boqhekanyetsi ba Ditlhare tsa Dikhemisi" bethong ba Amerika

Ditlamorao tsa kgwebo ena ya “Boqhekanyetsi ba Ditlhare tsa Dikhemisi” bo ama maphelo a motho ka mong Amerika – mme ba bangata ba bona ba se ba lefile ka maphelo a bona.

Na o tseba dintlha tse latelang:

  • MaAmerika a fetang 100,000 a shwa selemo le selemo ka lebaka la ditlamorao tse bolayang tse tsebahalang tsa ditlhare tsa khemisi, lebaka le leholo la lefu le fetwang feela ke mafu a pelo le kankere. (JAMA, April 15, 1998)
  • Ha ho na setlhare se tswang khemising se se nang ditlamorao tse kotsi tse bolayang tse tsejwang. Ditlhare tsena tse kotsi di kenyeletsa, hara tse ding, beta blockers, calcium antagonists, ditlhare tsa ho tjheswa ha kankere le tse thibelang cholesterol (statins).
  • Distatins di sebediswa ke maAmerika a ka bang dimilione tse 11 ha jwale, le ha ho le jwalo maphelo a bona a ntse a sa kgotsofatse ka ha ditlamorao tsona di ntse di nyoloha. Batho ba mashome a mahlano ba bolailwe ke ho nka statin Baycol, mme ba dimilione tse tsheletseng ba nweleng moriana ona ba saletswe ke nako e seng kae feela ya ho phela.
  • Dipatlisiso tsa morao tjena tsa baimana ba sebedisang statins, tse phatlaladitsweng ho New England Journal of Medicine ka la 8 Mmesa 2004, di bontshitse hore masea a 20 ho a 52 – a ka bang halofo – a angwang ke ditlhare tsa statin ka nako ya bokgatjhane ba bomma bona, a hlahile a na le boqhwala bo itseng.
  • Ditlhare tsohle tsa ho tjheswa ha kankere – karabo ya “Boqhekanyetsi ba tsa Dikhemisi” ya lefu la kankere – ke dihlahiswa tse kotsi tse senyang disele tsohle tse mmeleng. Kahoo he, ditlamorao tse atileng tsa meriana ya ho tjheswa ha kankere, ke ho hlaha ha mefuta e meng ya kankere bakuding ba nwang ditlhare tsena.
  • arabo ya “Boqhekanyetsi ba tsa Dikhemisi” bakeng sa AIDS (Acquired Immune Deficiency Syndrome) ke AZT, sehlahiswa se kotsi se thibelang ditho tsa tlhaho diseleng tsohle, ho kenyelletswa le disele tsa madi tse tshweu, tse hlokwang bakeng sa masole a mmele a mokudi. Kahoo, ditlamorao tse atileng tsa kalafo ya AIDS ke ho tswela pele ho feta ha lefu lena.

Ha ho a lokela hore ho be le Tshwarelo bakeng sa Kgwebo ena e Tswelang pele ya "Boqhekanyetsi ba tsa Dikhemisi"

Tshenyo ya bophelo bo botle ba batho ba Amerika le moruo wa setjhaba kaofela, e bakilweng ke kgwebo ya “Boqhekanyetsi ba tsa Dikhemisi” e feta hole tshenyo e bakwang ke indaseteri ya kwae.

Maphelo a dimilione tsa batho a etswa sehlabelo ka boomo ka ho patwa ha tlhahisoleseding e pholosang ya bophelo bo botle, ka lebaka le le leng feela – ha e a hatiselletswa ka semolao mme ha e na phaello e ngata. Ditlhare tse hatiselleditsweng ke molao tse kenywang mebarakeng di baka ditlamorao tse mpe ka ho fetisisa hoo e leng tsona tsa bone tse kgolo ka ho fetisisa tse bakang ho shwa ho batho ba Amerika – lefu le bakwang ke ditlhare tsa dikhemisi (JAMA 4/15/98). Sena se ja tjhelete e ka bang dibilione tsa didolara setjhabeng.

Jwaloka nyewe ya tsa kwae (tobacco litigation), batho, ditjhaba le mebuso hohle America ba ile ba ritela nyewe ya qoso kgahlanong le baetsi ba ditlhare bakeng sa ho pholosa maphelo le ho fedisa, ka potlako, “Boqhekanyetsi ba tsa Dikhemisi” bo jang dibilione tse ngata tsa didolara. Nyeweng ya Baycol, ditletlebo tse fetang 10,000 di sa ntse di emetse tseko kgahlanong le Bayer le GlaxoSmithKline.

Bakeng sa ho sireletsa “Boqhekanyetsi ba tsa Dikhemisi”, le ho dumella kgwebo ena e se nang botho ho tswela pele, tsamaiso ya Bush e batla ho fana ka tshwarelo ya kakaretso ho indaseteri ya ditlhare. Hobane ho se motho ya phetseng hantle ya ka tshehetsang leeme lena la dipolotiki – tsamaiso ya Bush e lekile ho rekisetsa batho ba Amerika “Trojan Horse”.

  • Ntlha ya pele, ba lekile ho pata tshwarelo ya “Boqhekanyetsi ba tsa Dikhemisi” kamora se bitswang “medical liability litigation reform.”
  • Ya bobedi, ba lekile ho kenya tshwarelo “Boqhekanyetsi ba tsa Dikhemisi” molawaneng o bitswang “Patriotic Act” le melaong e meng e ileng ya etswa ka mora ketsahalo ya September 11.
  • Jwale, ka hore ba se ba saletswe ke nakwana feela ya tshebetso ya bona, ba tlohetse boiketsiso bohle. Ho fetolweng ha leano le entsweng la mmuso, ba entse tsebiso, ka la 24 Phupu 2004, ya hore ba tla tlisa tshwarelo e akaretsang ya “Boqhekanyetsi ba tsa Dikhemisi” ka ho thibela bareki ho qosa baetsi ba ditlhare.

Mekgwa e meng ya Tlhaho ya Bophelo bo Botle, le diteko tsa Tsamaiso ya Bush tsa ho e Fedisa

Mekgwa ya Tlhaho e Pholosang Maphelo e Patilweng ka Boomo bakeng sa Batho ba Amerika ke Kgwebo ya “Boqhekanyetsi ba tsa Dikhemisi”.

Bakeng sa ho ntshetsa pele kgwebo ya bona ya boqhekanyetsi lefatsheng lohle, indaseteri ya ditlhare e ne e batla ho fedisa ho haswa ha mekgwa e meng e bolokehileng, e thusang ya tlhaho, e mpang e sa sireletswa ka molao ebile e sa lebella phaello e kgolo ya ditjhelete.

Ka lebaka la ho lekolwa le ho sefshwa ha tsa bophelo bo botle, dimilione tsa batho ba Amerika ha ba ka ba fumana tlhahisoleseding e nepahetseng, e pholosang maphelo, e neng e ka thusa ho thibela mafu a pelo, kankere, le mathata a mang a bophelo.

Ho ntshuwa hona ha tlhahisoleseding e molemo ya bophelo bo botle ho ne ho se bonolo. Ka dilemo tse mashomeshome, didolara tse dibilione di ile tsa sebediswa ke kgwebo ya “Boqhekanyetsi ba tsa Dikhemisi” bakeng sa ho reka tshehetso e tswang diunibesiting tsa bongaka (pharmacology), bafani ba tlhokomelo ya bophelo, bahasi ba ditaba, mekga ya dipolotiki le, tsamaiso ya Bush.

Batho ba Amerika ba lokela ho ithuta kapele hore ditshibollo tsa saense di se di fumanwe tse hlalosang hore ke hobaneng mafu a mararo a bolayang ka ho fetisisa Amerika, e leng pelo, kankere, le ho shwa lehlakore, a sa fumanwe hohang lefatsheng la diphoofolo.

Na o tseba dintlha tse latelang:

  • Mafu a mangata a batho ha a tsejwe lefatsheng la diphoofolo, ho kenyeletswa lefu la methapo ya pelo, lefu la pelo, ho shwa lehlakore, lefu la tswekere, kgatello e hodimo ya madi, kankere, le mafu a mang.
  • Ho sa tshwane le batho, diphoofolo tse ngata haholo di ntsha esiti e ngata haholo ya ascorbic (vitamine C) dibeteng tsa yona ka ho e fetola ho tswa tswekereng. Vitamine ena ke yona ya bohlokwa ka ho fetisisa bakeng sa ho etswa ha collagen le elastin, dimolekule tsa bohlokwa bakeng sa ho tsitsisa methapo ya madi le dithishu tse kopanyang, mme di kgona ho thibela mafu a methapo ya pelo le a mang.
  • AIDS – lefu le beang lefatshe le tswelang pele kotsing ka ho fetisisa – ha e bontshe ho haseha ha ho etswa diteko ka diphoofolo. Ho fumanehile hore e kgona ho laoleha ka divitamine le dijo tse hlokahalang tse jwale di ka pholosang maphelo a mangata esitana le dibilione tsa ditjhelete bakeng sa tlhokomelo ya tsa bophelo bo botle. (NYT, Phupu 1, 2004)
Ha ho lebaka le etsang hore mahloko ana a ate le ho bea maphelo a dimilione tsa batho tsietsing hang ha sesosa sa ona sa saense se se se utlwisisitswe. Mme se utlwisisitswe.

Die Bush-Administrasie se Finale Magsgreep: Misbruik van die WGO vir die beskerming van die "Farma-Bedrog" bedryf en 'n Globale Verbod op Natuurlike Gesondheid

Ho wa ha ho Qetela ha Tsamaiso ya Bush: Ho sebediswa hampe ha WHO bakeng sa Tshireletso ya Kgwebo ya “Boqhekanyetsi ba tsa Dikhemisi” le ho Fediswa ha Bophelo bo botle ka Tlhaho Lefatsheng ka bophara

Batho ba Amerika le batho bohle ba fihletse boemo boo ho bona re ka itokollang jokong ena ya mafu a fumanehang kajeno esitana le kgwebong ya “Boqhekanyetsi ba tsa Dikhemisi”.

Ke boikarabelo le monyetla wa tsamaiso e ntjha ya Demokerasi ho fana ka tshebeletso e tswileng matsoho bathong ba Amerika, ho pholosa maphelo a dimilione a batho le ho boloka dibilione tsa ditjhelete bakeng sa tlhokomelo ya bophelo bo botle.

Sena e ke ke ya eba tsela e bonolo. Dihlopha tse ikgethileng tse kamora “Boqhekanyetsi ba tsa Dikhemisi”di tla lwana ya kgumamela ho sireletsa menyetla ya bona ya ekonomi eo ba e fumanang kgwebong ya bona ya dibilione tse ngata ka mafu/mahloko. Kahoo he, tsamaiso e ntjha ya Demokerasi e hloka tshehetso e felletseng ya batho ba Amerika – mme ba tla e fumana.

Meputso e tla ba e metle: Melokong e tlang, lefu la pelo le ho shwa lehlakore e tla ba mafu a ka thoko, mme mafu a tlwaelehileng a kajeno a ke ke a tsejwa hohang. Disebediswa tse lokolotsweng di tla sebedisetswa ho thusa ditlhokong tsa bophelo bo botle, thuto, ho hloka mesebetsi le dintho tse ding tsa bohlokwa tse amang batho.

Ho weng ha ho qetela, tsamaiso ya Bush e leka ho thibela tokollo ena ya batho boimeng ba mafu.

Na o tseba ditlha tse latelang:

  • Tsamaiso ya Bush e etsa diteko tsa lefatshe lohle ho thibela ka molao ho ntshwa ha tlhahisoleseding e mabapi le melemo e pholosang maphelo ya divitamine, dijo tse hlokehang mmeleng le mekgwa e meng ya tlhaho e se nang tshireletso ya semolao.
  • Tsamaiso ya Bush e bile e sebedisa Komishine ya Codex Alimentarius ya Mokgatlo wa Lefatshe wa Bophelo (WHO) hampe ka sepheo se le seng feela: ho sireletsa kgwebo ya “Boqhekanyetsi ba tsa Dikhemisi” ho ditswelopele tse ntseng di etswa karolong ya bophelo bo botle ka tlhaho. (Bakeng sa dintlha tse ding, bula webosaete ya rona.)

Empa teko ena ya tsamaiso ya Bush – e etswang batho ba Amerika ba sa tsebe – empa feela e le ho bontsha hore “ha e shwa e a raha”

Ka dikgetho tsa boporesidente tsa Pudungwana 2004, batho ba Amerika ba na le monyetla wa ho potlakisa ho shwa hona.

Na ha ho a Lekana Bakeng sa Batho ba Amerika?

O na le kgetho: O ka tswela pele ho etsa sehlabelo ka bophelo ba hao ka ho ntshetsa pele kgwebo ya “Boqhekanyetsi ba tsa Dikhemisi”- kapa, o ka etsa ho hong jwale ho fedisa mafu a atileng a kajeno le ho fedisa “Boqhekanyetsi ba tsa Dikhemisi”.

Kgweding ya Pudungwana, kgetha feela boradipolotiki ba netefatsang ditokelo tsa hao tsa bophelo bo botle:

  • Ditokelo tse se nang moedi tsa mokudi bakeng sa ho qosa baetsi ba ditlhare ka lebaka la ditlamorao tse bolayang tsa ditlhare tseo
  • Ho fumaneha mahala ha mekgwa ya tlhaho e pholosang maphelo, e sa sireletswang ka semolao.

Sitemap

Dr Matthias Rath is the physician and scientist who led the breakthrough discoveries in the natural control of cancer, cardiovascular disease and other chronic health conditions.
>> More...

A complete overview of Dr. Rath's campaign including full background information on all the issues.
>> More...

Up to date news and comment about worldwide developments

>> Natural Health Alternatives
>> Business with Disease
>> U.N.-Related Issues
>> Other News
>> African Union News


Click here for more information about the Foundation.

Click here to send us an email.

 Printer-friendly page

Send page to a friend Send page to a friend

Bookmark this page Bookmark this page
RSS

 © 2008 Dr. Rath Health Foundation Send page to a friend contact Printer-friendly page Help Previous document Top of the page Function not available in this page Back to Homepage