Dinaha tse kopaneng
di ipolaile!
Bala dikarabo tse lebisitsweng lengolong lena le reretsweng ho balwa ke bohle.
Motsamaisi wa US eleng Paul Bremer o balehile naheng ya Irag jwalo ka leshodu bisiu ka la 28 Phupjane. Ka nako yona eno George Bush le batsamaisi mmusong wa hae ba ntse ba leka ho kgodisa lefatshe lohle hore kgapo ya bona ya Irag ke nyehelo e kgolo polokehong ya lefatshe. Empa le ha ho le jwalo bohle ba a tseba hore hono ha se nnete .
Batho ba dibilione tse tsheletseng lefatsheng ka bophara di tshositswe ke taba ya hore United Nations jwalo ka mokgatlo o tshepetsweng ho boloka kgotso le polokeho, ha e sa hlola e le teng. Ke lekgetlo la bobedi historing ya batho hore mokgatlo wa matjhaba oo ka ho totobala o thehetsweng ho baballa kgotso le polokeho le plokeho pakeng tsa dihaha tse fapaneng tsa lefatshe o haraswangwe. Ka morao ho ho swahlamana ha Legue of Nations, dilemong tse 70 tse fetileng, United Nations e ikentse tebetebeng ya dipolotiki ka boyona kgweding ya Phupjane 2004.
Ka kgwedi ya Tlhakubele selemong sa 2003, George Bush o ile a qala ntwa kgahalanong le naha ya Irag kgahalanong le qeto ya United Nations, mmoho le kgahlanong le molao wa matjhaba. Qetong ya yona e entsweng ka la 8 Phupjane 2004, ya ho laela mabotho a eteletsweng pele ke United Nations hore a hape Irag, Lekgotla la Tshireletso la United Nations le dumetse hore ntwa e tswele pele naheng ya Irag. Ka qeto ya mofuta o jwalo, Lekgotla la Tshireletso la United Nations le haraswantse khotu ya lona ka bo lona melao eleng the UN Charter mme ka hona la haraswanya motheho oo boteng ba UN bo itshetlehileng ka ona.
George o tla hopolwa historing jwalo ka radipolotiki ya ileng a atleha ho kenya letsoho ho heleheng ha the United Nations. Ena ha se ketso e entsweng feela ka tshohanyetso. O phethetse moralo o ileng wa totobatswa dingolweng tsa ketso ya meralo, tsa pejana ho kenyeletswa le “the Project for a new American Century”, ya Wolfwitz, Cheney, Rumsfeld le ba bang ba tshwereng marapo ditulong tse phahameng mmusong wa George Bush. Mme he ka Phupjane 2004, ba ile ba fihlella sepheo sa bona.
Seo se bolelang
Naha efe kapa efe lefatsheng, haholoholo hara dinaha tse ntseng di hola, e lehatsipa la maemo ditabatabelo tsa kgwebo lefatsheng ka bophara.
Ha ele mona khoutu ya UN ya molao wa matjhaba e sa hlole e le teng, sekgele se le seng feela sa tshireletso se tshireleditseng boholo ba dinaha se ile. Hona ho bolela hore ho tloha ha jwale naha efe kapa efe, haholoholo dinaha tse fetang 150 ka palo tse ntseng di hola di ka tshoswa, tsa hlaselwa mme tsa ba tsa hatjwa tlasa boikgakanyo bofe kapa bofe, ke naha efe kapa efe e nang le moruo o matla.
Dibilione tse tsheletseng tsa btho ha jwale di se di phela lefatsheng leo ho lona eleng mahlatsipa a mefere-fere e ntseng e eketseha, dintwa tse tswelang pele le meharo mererong ya tsa kgwebo.
Naha efe kapa efe jwale e ka hlaselwa mme baahi ba yona ba qobellwa ho phela tlasa maemo ao ba sa ikgethelang ona ka boithaopo. Lefatshe ha le hlola le buswa ka matla a bohareng a bokolone. Mekgwa ena ya bokolone e nkeswe sebaka ke bokolone ba merero ya kgwebo le meharo ya dihlopha boramatsete ba hwebang lefatsheng ka bophara mmoho le bo-mphato wa bona ba dipolotiki. Maemong ohle tshotleho ya batho lefatsheng e a itshwanela.
Jwale batho ba se ena le boikgetho.
Rona batho ba lefatshe jwale re lokela ho etsa kgetho: Na re batla hore mongwaha kgolo wa 21 ( 21 century), e be wa ho betana mererong ya kgwebo le disebediswa, mmoho le kgatello ya bophelo bo bottle ba batho, le maphelo a bona, molemong wa ditabatabelo tsa merero ya kgwebo? Kapa re etsa qeto ya ho nka motjha o mong?
Monyetla wa Histori
Tshwahlamano ya dipolotiki ya United Nations e bile mohato wa ho qetela ho heleheng ha mokgatlo ona jwalo ka mosebeletsi wa setjhaba sohle sa lefatshe.
Ditho tsa ka nako tsohle tsa Lekgotla la Tshireletso la UN, ho qohollwa the US le UK, kgale tsa na tsa qala ho sebedisa United Nations hampe jwalo ka lekala la dipolotiki la ditabatabelo tsa tsona tsa merero ya tsa kgwebo lefatsheng ka bophara. Merero ena ya tsa kgwebo e boetse ya sebedisa hampe ka mokgwa o ikgethileng, mekgatlo e ikarabellang ho the UN, eleng WHO le WTO, e le disebediswa tsa ho atlehisa le ho matlafatsa metheho ya “bokolone ba merero ya tsa kgwebo”.
Ntlha e hlollang ka ho fetisisa e bile kgahlamelo ya indasteri e kgolo ka ho fetisisa ya matsete lefatsheng, eleng the pharmaceutical industry. Ha ba ntse ba tshepisa ho nehelana ka ditshebeletso tsa bophelo bo botle lefatsheng, kuno ya bona matseteng e tshetlehile hodima malwetse a tswellang ho ya ho ile, ele mebaraka ya lefatshe lohle bakeng sa dithethefatsi tsa bona.
Ka ho sebedisa WTO hampe, ditabatabelo tsena di qobeletse ho amohelwa ha molao o tletseng bomenemene, wa ditefello tsa ditokelo esitana le dinaheng tse futsanehileng ka ho fetisisa lefatsheng. Ka nako yona eno, ka tshebediso e mpe ya WHO, dikhamphane tse hwebang ka dithethefatsi di ntse di leka ho thibela bophelo bo botle bo ka fumanehang ka mekgwa e tlwaelehileng. Sena se etswa tlasa lepheo la UN la Codex Alimentarius. Dimillione tse balwang ka makgolo tsa batho di shwele ka lebaka la hobane UN e hlolehile ho phetha mosebetsi wa yona ka botshepehi setjhabeng sa lefatshe.
Jwale batho ba se ba ena le monyetla o thehilweng historing, wa ho theha mmuso wa lefatshe o ke keng wa fela, bakeng sa batho mme, o thehilwe ke batho ka bo bona – ke hore Kopano ya Ditjhaba (Alliance of the Nations). Melao ya motheo wa mmuso ona e hlahella karolong e latelang. Jwale he, ho ho batho lefatsheng ka bophara hore ba nnetefatse phihlello ya mmuso o jwalo.
Jwale Batho Lefatsheng ka bophara Ba tlameha ho Theha Kopano ya Ditjhaba
Selelekela
1. Mmuso o sa feleng wa Lefatshe bakeng sa batho mme, o thehilwe le ho laolwa ke batho. Kopano ya Ditjhaba (Alliance of Nations) ke mokgatlo wa matjhaba oo dinaha tsohle di amohelehileng ho ka ba ditho tsa ona. Haholoholo dinaha tse ntseng di hola mmoho le tseo moruo wa tsona o ntseng o thekesela. Dinaha tse nyenyane tseo moruo wa tsona o itshetlehileng indastering, le tsona di na le tlhoko e kgolo ya ho ba ditho tsa mokgatlo wa matjhaaba o kgonang ho tshireletsa seriti sa tsona jwalo ka dinaha, esitana le ditabatabelo tsa motheho tsa dibilione tsa batho. Ho nka karolo ha batho esitana le le mekgatlo eo eseng ya mmuso ke karolo ya bohlokwa haholo ya Kopano ya Ditjhaba.
2. Tlhokeho ya hore United Nations e nkelwe sebaka ke mokgatlo o mong. Kopano ya Ditjhaba e nka sebaka sa United Nations jwalo ka mmuso wa lefatshe hobane tebang le Ntwa ya Iraq, UN e nyahladitse ditumellano kapa boitlamo ba yona, e iphapantse le tlola melao ya yona ya matjhaba mme, ka hona ha ho sa hlola ho ena le baka la hore e nne e be teng. Ona e ne e le mohato wa ho qetela feela. Menyahashomeng ya ho feta, UN e se e ile ya nna sebediswa ka tsela e fosahetseng jwalo ka lekala la dipolotiki la mebuso e matla moruong, sepheo e le ho qobella dinaha tse futsanehileng mmoho le batho lefatsheng ka bophara ho amohela ditabatabelo tsa tsa tsona.
3. Bohlokwa ba ho Tshireletsa Dinaha tsa Lefatshe. Sepheo sa motheho sa ho thehwa ha UN le boitlamo ba yona ene e le ho fedisa dintwa tsa dikgoka e le hore ho tle ho thibelwe Ntwa enngwe hape ya Lefatshe, mmoho le ho tshireletsa dinaha tse nyenyane tse ka bang 150 ka palo lefatsheng hore di se ke tsa hlaselwa le hatjwa ke mebuso e nang le moruo o matla molemong wa ditabatabelo tsa tsona tsa merero ya kgwebo. Ha e le mona khoutu ya melao ya matjhaba ya UN e se e swahlamane hohang, thebe ena ha e sa hlola e le teng hohang. Jwale he, ho se hlahella tlhokeho e potlakileng ya khoutu e ntjha ya nnete, ya melao ya matjhaba molemong wa ho tshireletsa dinaha tse ngata le baahi ba tsona esitana le ho boloka kgotso ya lefatshe.
4. Bohlokwa ba ho Thibela Ntwa ya Lefatshe. Motho o se a ile a leka ka makgetlo a mabedi nakong e fetileng, ho theha dipalamente tsa lefatshe. Ka selemo sa 1919, ka morao ho hore Ntwa ya pele ya Lefatshe e fihle pheletsong, Kopano ya Ditjhaba (League of Nations) e ile ya thehwa sepheo ele ho thibela ntwa enngwe hape ya lefatshe. Ho hloleha ha yona thibela ho thehwa ha Nazi Germany, ho ile ha betla mmila o lebisang Ntweng e latelang ya Lefatsshe. United Nations e ile ya thehwa ka 1945, e le ha ho bonahala hore Ntwa ya Bobedi ya Lefatshe e ka nna ya rophoha neng kapa neng. Nakong ya mengwahashome e tsheletseng ka morao ho mono, mokgatlo ona o hlolehile ho le ona ka ha o sitilwe ho ho thibela tse ding tsa dinaha tseo eleng ditho tsa ona, ho hlasela ditjhaba tse ding kgahlanong le Molao Wa Matjhaba wa UN. Ho hloleha hona ho betla mmila o lebisang tsitsipanong le mathateng a mang a mangata-ngata boemong ba matjhaba, a bileng a akga ka hare kotsi ya kgonahalo ya Ntwa ya Boraro ya Lefatshe qetellong, ntwa e ka nnang ya lwanwa ka dibetsa tsa dikhemikhale. Kopano ya Dinaha e tla ba mmuso wa pele wa lefatshe o tla beng o thehilwe ka sepheo pele ho Ntwa ya Lefatshe empa, e seng ka morao ho yona, moo batho bohle ba ikemiseditseng ho thibela ho wa ha bona mme, ba ikemiseditse ho sireletsa bokamoso ba bona.
Ho thehwa ka potlako ha Kopano ya Dinaha ho tla nnetefatsa hore e fumana tshehetso ho tswa boholong ba dinaha mme, hono ho tla nnetefatsa hore tshireletseho ya matjhaba e boele e thehwe botjha e le hore rona le bana ba rona re tle re boele re phele lefatsheng le nang le tiisetso ya bophelo bo botle bo sa feleng, kgotso le toka.
Sepheo-pheo le Kgopolo
Kopano ya Ditjhaba is thehilwe e le mmuso wa lefatshe wa batho ka batho. Sepheo-pheo le Kgopolo ya kopano ena ke ho fihlella mmuso o sa feleng wa lefatshe, o sebeletsang ka ho qoholleha, ditabatabelo tsa batho bohle lefatsheng ka bophara.
1. The Goals. The goals of the Alliance of Nations are
to promote and secure a world of peace, health and
social justice as defined by its constitution.
1. Maikemisetso. Maikemisetso a Kopano ya Ditjhaba ke ho ntlafatsa le ho fihlella lefatshe la kgotso, bophelo bo bottle le toka kahisanong jwalo ka ha di hlalositswe molaothehong wa yona.
2. Ditokelo tse lekanang bakeng sa bohle.
Sepheo sa Kopano ya Ditjhaba ke ho fihlella kgotso bakeng sa baahi bohle ba lefatshe la rona esitana le etsa bonnete ba hore batho bohle ba na le ditokelo tse tshwanang tsa bophelo bo botle, seriti, katleho le hofihlella disebediswa tsa lefatshe la rona.
3.Ditokelo tse Lekanang bakeng sa Ditjhaba tsohle: Naha e le nngwe- Voutu e le nngwe.
Mmusong wa Kopano ya Ditjhaba, dinaha tsohle ho sa natswe hore na di ruile kapa di futsanehile, di a lekana mme di na le voutu e le nngwe. Diqeto tsa Kopano ya Dinaha di a tlama ho dinaha tsohle tseo eleng ditho. Kgopolo ya “Naha e le nngwe – Voutu e lenngwe” mmusong wa lefatshe ke ke mohato wa bohlokwa wa ho fihlella kgotso ya lefatshe bakeng sa meloko yohle ya nako e tlang.
4. Batho Pele ho Kuno.
Kopano ya Ditjhaba e rala esitana le ho kenya melao ya yona tshebetsong molemong wa batho, e seng molemong wa ditabatabelo tsa mekgatlo e hahabaletseng kuno. Batho ba lefatshe ba ka tseka hore dintlha tsa bohlokwa-hlokwa tse jwalo ka bophelo bo botle, tse tlamang parliamente ya lefatshe di boele di lekodisiswe.
5. Melemo e tliswang ke Kgotso le Katleho.
Ho ba setho sa Kopano ya Ditjhaba ho molemong wa motho ka mong le setjhaba ka seng se phelang lefatsheng, kaha kopano ena ya lefatshe e nnetefatsa ditlhoko tsa bona tsa motheho. Tlhoko ya pele le ya bohlokwa-hlokwa ya batho lefatsheng ke kgotso le tshireletseho ya matjhaba e fihlellwang ka Kopano ya Dinaha. Tlhoko ya bophelo bo botle, toka stjhabeng le katleho di tla fihlellwa ka ho arolelana lesedi le tshebedisano mmoho e keneletseng mafapheng a tsa bophelo bo botle, mahlale, kgwebisano, moruo ka kakaretso, botjhaba le mafapheng a mang.
6. Ho kwalwa ha Sekgeo Pakeng tsa dinaha tse Futsanehileng le tse Ruileng.
Ka tshebediso ya mahlale le tekenoloji e ntjha, boitshetleho ba moruo ha dinaha tse futsanehile ho tse ruileng ho tla fokotseha mme, qetellong ho fedisetswe ruri. Mafapha a mabedi e leng la bophelo bo botle le la matla a motlakase ka kopanelo a tla ntlafatswa ka ha bobedi mafapha ana ha e sale a ntse sebediswa ka tsela e fosahetseng nakong ya ho feta, sepheo ele ho qobela dinaha ho itsheha ho tse ding mmoho le ho nnetefatsa hore tekatekano ha e fihlellwe pakeng tsa dinaha tsa lefatshe. Ka hoo he, ho rarolla mathata mafapheng a na ho tla thusa dinaha tse ngata hore di se itshetlehe ha kaalo dinaheng tse ding, haholo tse ruileng. Ho tla fedisa bokolone ba moruo mme, qetellong ho kwale sekgeo pakeng tsa dinaha tse ruileng le tse futsanehileng.
7. Bophelo bo botle bakeng sa bohle- Ka phediso ya Kokwana-hloko e tlwaelehileng haholo matsatsing a kajeno.
Diteko tsa mahlale di bontshitse hore ho fokola ha di-micronutrients ke sona sesosa se seholo sa mahloko kapa mafu a matsatsing ana, ho kenyeletswa le lefu la cardiovascular. Diphoofolo ha di hlaselwe ke mafu a pelo hobane mmele ya tsona e hlahisa vitamin C. Mmele ya batho ha e etse jwalo. Hona ho bolela hore tlhahiso ya collagen le methapo e tsamaisang madi di a matlafatswa diphoofolong. Ka mokgwa o tshwanang, bofokodi ba di-micronutrients ke sona sesosa se sehoholo sa ho ka ba lehlatsipa la malwetse a tshwaetsang ho kenyeletswa le AIDS.
Phediso ya mafu a cardiovascular, kankere le osteoporosis, mmoho le taolo ya mafu a atileng lefatsheng ka bophara jwalo ka lefuba le AIDS ho itshetlehile haholo ho phatlalatsweng ha lesedi lena la motheho la bophelo bo botle,lefatsheng ka bophara.
Ka ho phahamisa World Health Alphabetization, Kopano ya Ditjhaba e e tla fedisa ho hloka tsebo mabapi le tsa bophelo bo botle mme, e fedise tlhokeho ya ditefello mabapi le mafu a tlwaelehileng a matsatsing ana, ebe ho bolokwa maphelo a dibilione le ditrilione tsa diranta tse hlokehang bakeng sa ho lefella meriana.
8. Phediso ya Kgwebo ya ho Tsetela ka Mafu a phekolehang ka thata.
Ho hweba ka mafu, hoo ha ntle-ntle eleng ho ntshetsa pele le rarahanya ka sepheo sa ho etsa kgwebo le una, ho a thibelwa Kopanong ya Ditjhaba. Ditokelo lekaleng la tsa bophelo bo botle esitana le maphelong a batho, diphoofolo mmoho le dimela, di a fedisa ka ha ele motheho wa moruo bakeng sa kgwebo ya ho tsetela ka dihlahiswa tsa meriana mahlokong.
9. Matla bakeng sa bohle.
Ho na le mehlodi e metjha ya matla a ntjhafaditsweng e fumanehang, mme e ka fana ka matla a mahala bathong bohle polaneteng ya rona. Kantle le matla a solar, tshebediso ya matla a tswang metsing (thekenoloji ya hydrogen) e ntsheditswe pele ka tsela ya saense. Ho hlahiswa haholo ha mekgwa ena e metjha ya matla le ho fanwa ha yona bathong ba lefatshe ka ntle le theko, ho fokotsa ho itshetleha ha batho kgwebong ya matsete ya dihlahiswa tsa dikhemikhale.
10. Tsamaiso e Akaretsang ya Molao wa Lefatshe lohle.
Molao wa Lefatshe lohle wa Kopano ya Ditjhaba o kena sebakeng sa khouto ya molao wa lefatshe wa UN e leng siyo. Molao wa Lefatshe lohle wa Kopano ya Ditjhaba o buswa ke melawana ya seriti le ditokelo tse lekanang bakeng sa batho bohle lefatsheng esitana le tabatabelo ya kgotso, tshireletso le toka bakeng sa ditjhaba tsohle, tse kgolo le tse nyane. Molao ona wa Lefatshe lohle wa Kopano ya Ditjhaba o tlama ditho tsohle mme ho ka ba le dikotloqobello bakeng sa tlolo ya ona. Ho etella pele dintwa tsa leqhoko hoo e leng tlolo ya Molao ona wa Lefatshe wa Kopano ya Ditjhaba, ho tla fumantsha batlodi kotlo ya ho qhelelwa ka thoko ke mafatshe a mang.
11. Phediso ya diqabang ka mekgwa ya kgotso.
Ditjhaba tseo e leng ditho tsa Kopano ya Ditjhaba di itlama hore di tla fedisa diqabang tse ka hlahang pakeng tsa tsona, ka tsela ya kgotso.
12. Tsamaiso ya Tshireletso ya Lefatshe lohle.
Hore Kopano ya Ditjhaba e tle e kgone ho sireletsa ditho tsa yona kgahlanong le ditshoso, ditlhaselo, le ho kenellwa ke ditjhaba tseo e seng ditho, e hlomme le ho boloka tsamaiso ya tshireletso, e kenyelletsang mabotho a ho boloka kgotso, e lekaneng bakeng sa ditshoso tsa mofuta ona. Kopano ya Ditjhaba e itlama ho sebediswa mokgwa o felletseng wa tshireletso le thibelo.
13. Sepheo sa Kamoho ya Dibetsa.
Ho bolokwa ha mabotho a thibelo le tshireletso ha Kopano ya Ditjhaba, ke mohato wa bohlokwa lefatsheng le ntseng le buswa ke ba nang le matla a ekonomi le mabotho a sesole. Le ha ho le jwalo, dinaha tseo e leng ditho tsa Kopano ya Ditjhaba di itlamme ho sebetsa mmoho bakeng sa ho thibela dibetsa tse bolayang ka bongata esitana le bakeng sa kamoho ya dibetsa.
14. Seboka sa Kopano ya Ditjhaba.
Ntho ya bohlokwa e ka lebisang kgotsong e sa feleng polaneteng ya rona ke phediso ya ho se lekane pakeng tsa dinaha tse ruileng le tse futsanehileng. Hore tsamaiso ena e tle e potlakiswe, seboka sa pele sa Kopano ya Ditjhaba se kgethilwe ho ba naha e emelang dinaha tsohle tse holang, e nang le histori ya tokoloho bokgobeng ba bokoloniale.
Matthias Rath, MD
June 29, 2004.
|