Tse Hlokolosi mabapi le Tsamaiso e ntjha ya Demokerasi
Bill ya Ditokelo ya Mokudi
Ka la 25 Phupu 2004, koranta ya The New York Times e ngotse tjena: “Mosenatoro John Edwards, eo e leng motlatsi wa bonkgetheng ba boporesidente ba Demokerasi, ebile e le mmuelli wa nako e telele, o ile are boiphihlello ba hae boo a bileng motlotlo ka bona ka ho fetisisa toropong ya Washington ho fihlela jwale, e ne e le wa ho thusa ho fetiswa ha Senate ha bili a hlalosang ditokelo tsa bakudi, ho kenyelletswa le tokelo ya ho qosa kgotla.” Ka bomadimabe, bili ena ha e ya ka ya eba molao.
Mosebetsi wa pele wa tsamaiso e ntjha ya Demokerasi ke ho etsa Bili ya ditokelo tsa Bakudi e sireletsang bophelo bo botle ba batho ba Amerika kgahlanong le kgwebo e sa lokang ya boramatsete ba meriana ya dikhemisi, e kgannwang ke ho ntshetswa pele ha mafu kapa mahloko.
>> Tobetsa mona
Dinaha tse kopaneng di ipolaile!
Bala dikarabo tse lebisitsweng lengolong lena le reretsweng ho balwa ke bohle.
Motsamaisi wa US eleng Paul Bremer o balehile naheng ya Irag jwalo ka leshodu bisiu ka la 28 Phupjane. Ka nako yona eno George Bush le batsamaisi mmusong wa hae ba ntse ba leka ho kgodisa lefatshe lohle hore kgapo ya bona ya Irag ke nyehelo e kgolo polokehong ya lefatshe. Empa le ha ho le jwalo bohle ba a tseba hore hono ha se nnete.
Batho ba dibilione tse tsheletseng lefatsheng ka bophara di tshositswe ke taba ya hore United Nations jwalo ka mokgatlo o tshepetsweng ho boloka kgotso le polokeho, ha e sa hlola e le teng. Ke lekgetlo la bobedi historing ya batho hore mokgatlo wa matjhaba oo ka ho totobala o thehetsweng ho baballa kgotso le polokeho le plokeho pakeng tsa dihaha tse fapaneng tsa lefatshe o haraswangwe. Ka morao ho ho swahlamana ha Legue of Nations, dilemong tse 70 tse fetileng, United Nations e ikentse tebetebeng ya dipolotiki ka boyona kgweding ya Phupjane 2004.
>> Tobetsa mona
Ha ho Tokoloho, Ha ho Demokerasi
kantle ho Tsebo ya tsa Bophelo!
Moralo wa nnete bakeng sa ho Aha Setjhaba se Phetseng Hantle
Kutlwisiso ya tsa Maphelo Ya Lefatshe (World Health Alphabetization): Ka boipiletso ba hae ba Mokgatlo wa Lefatshe wa Kutlwisiso ya tsa
Bophelo bo Botle (WHA), Ngaka Rath o tswela pele ka letsholo la hae le
lebisang ntshetsopeleng ya bophelo bo botle lefatsheng ka bophara. O
ile a kgetha ho phatlalatsa pitso ena ya hae ya lenaneo Aforika Borwa
hobane mmuso wa Aforika Borwa o tsejwa ka boetapele lefatsheng lohle
ntweng ya batho ya ho itokolla jokong ya “kgwebo e nang le mahloko” ya meriana ya dikhemisi le ho aha bophelo bo botle jwaloka tokelo ya batho.
>> Tobetsa mona