 |
|
Medicines Control Council/Koranta ya Mail & Guardian/ The Dr Rath Health Foundation
- Re sebetsa lebitsong la Medicine Control Council mmoho le ditho tsa yona (“ditlelaente tsa rona”)
- Re tsebisitswe hore le phatlaladitse sengolwa se bitswang “Thusa ho pholosa Dimilione tsa maphelo Afrika Borwa, Roba diketane tsa bokoloniale tsa Meriana ya dikhemisi” koranteng ya lona ya la 8 Mphalane ho isa ho 14 Mphalane 2004. Re kenyeletsa khopi ya sengolwa sena mme se tshwailwe “A” (the article)
- Ka tsela ena, re le eletsa hore dikahare tsa sengolwa se boletsweng ka hodimo di senya lebitso la ditlelaente tsa rona mme sena ha se molaong.
- Ka lebaka lena he, le kotjwa ho re romella, ka tsela ya lengolo, tumellano ya hore le tla
- Phatlalatsa kopo ya tshwarelo, eo ditlelaente tsa rona di tla dumellana ka yona pele le ka e phatlalatsa; le hore
- Le ke ke la hlola le phatlalatsa sengolwa seo nakong e tlang.
- Tumellano ena e ngotsweng, eo re buileng ka yona ka hodimo mona, e hlokahala ka hora ya 5 mantsiboyeng a kajeno, mme ha le sa etse seo ditlelaente tsa rona di tla qala kopo e potlakileng ya dihlapiso tsa semolao tse kenyelletsang empa di sa felle feela ho ditjeho.
- Ditokelo tsa ditlelaente tsa rona di tla dula di sireleditswe.
- Re emetse karabo ya lona e potlakileng.
Ka botshepehi
|
Sitemap
|
|
|